RE ITOKISEDITSE HO LE SEBELETSA HA HO TLALEHUWA DITLOLO TSA MOLAO TSA TLHEKEFETSO YA THOBALANO
Ba Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa ba ikemiseditse ho thusa motho ya tletlebang moo ho bolokehileng hape sephiring, mme ba tla tshwara motho eo ya tletlebang ka hlompho le ka seriti. Mekgwatshebetso e tla hlaloswa ha e ntse e etsahala.
Lepolesa le tla nka dintlha tsohle tsa bohlokwa tsa botlokotsebe mme le ngole setatemente ho tswa ho motho ya tletlebang le sebedisa mantswe ao motho eo a wa sebedisitseng ho hlalosa ketsahalo.
Motho ya tletlebang o lokela ho bala setatemente. Ha a sa tsebe ho bala, leponesa le lokela ho mmala setatemente seo. Diphoso dife kapa dife tse ka bang teng di tla lokiswa pele motho ya tletlebang a se saena.
Bahlanka ba rupelletsweng ka mokgwa o ikgethang ho tswa Yuniting ya Dintwa tsa ka Malapeng, Yuniti ya Tshireletso ya Bana le Ditlolo tsa Molao tsa Tlhekefetso ya Thobalano, ba tla etsa dipatlisiso mme ba nke setatemente se felletseng.
Ho tla bulwa dokete ya nakwana. Motho ya tletlebang ha morao o tla fuwa nomoro ya nyewe, mme ha ho kgoneha, le khopi ya setatemente.
Ho tla nkuwa mme ho lekolwe aterese ya motho ya tletlebang le diaterese tsa batho ba abng bao ho ka iteangwang le bona ba jwalo ka ba lelapa le metswalle. Hona ho tla ngolwa dayaring ya dipatlisiso.
Tlhokeho ya hlahlobo ya bongaka e tla hlalosetswa motho ya tletlebang e be o iswa hlahlobong eo ya bongaka ka potlako ka ho ya ka moo ho kgonehang.
Ho batleha setatemente hape:
Ha motho ya tletlebang a bolelletse motho e mong ka ketsahalo pele a e tlaleha mapoleseng ? motho eo o lokela ho etsa setatemente se tlalehang mantswe ao e leng ona a sebedisitsweng ke motho ya tletlebang mmoho le boemo boo a neng a le ho bona ka nako eo;
Haebe lepolesa e bile lona motho wa pele eo motho ya tletlebang a buileng le lona, lepolesa le tla romela setatemente sa boemo boo motho ya tletlebang a neng e le ho bona mmoho le mantswe ao e leng ona a wa sebedisitseng.
Lepolesa le tla ngola setatemente sa ho tshwara motho ha mmelaelwa a tshwerwe, e be ho nkuwa bopaki.
Motho ya tletlebang o tla hlalosetswa hona ho latelang:
O tla kotjwa ho thusa lepolesa ho supa mmelaelwa;
O tla lokela ho hlaha ka pela lekgotla la dinyewe ho tla fana ka bopaki ba ho etsahetseng. Motho ya tletlebang o tla romelwa mokgatlong o seng tlasa mmuso wa NGO bakeng sa dikeletso le tshehetso.
Mahlatsipa a na le tokelo ya ho tshwarwa ka hlompho le seriti.
Ha o batla ho tseba haholwanyane kapa o hloka thuso tabeng ya ho betwa kapa ya tlolo ya molao mabapi le tsa thobalano o ka bua le -
Hape o ka iteanya le ba seteishene sa sepolesa sa sebaka sa heno kapa wa letsetsa mona:
Dinomoro tsa tshohanyetso tsa SAPS 10111
